Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Fagrie Lakay o tswelapele ho hlaba dintlha Egypt

Sebapadi sa Afrika Boroa se bapalang naheng ya Egypt Fagrie Lakay, o ntse a tshwela pele ho sebetsa ka bokgabane le ho hlaba dintlha.

Lakay ya bapallang Ceramica Cleopatra, o hlabile dintlha tse pedi ha sehlopha sa hae sene se hlola Ghazl El Mahallah ka 3 – 2 a hapa le kgau ya sebapadi sa letsatsi papading eo.

Sebapadi sena sa mehleng sa Cape Town City le Supersport, se tlohile Afrika Boroa se leba sehlopheng sa Pyramid moo a dutseng dihla tse nne kaofela.

Ka mora ho se fumane nako e lekaneng ya ho bapala, Pyramid ya nka qeto ya ho adimana ka yena ho Cleopatra pele a ka leba teng ka tumellano ya moshwelella.

Lakay o se a bapetse dipapadi tse 15 sehleng sena mme a hlaba dintlha tse 4 le ho thusa dintlheng tse tharo.

Mohlabadintlha enwa ya lenyokonyane, ke yena fela sebapadi sa Afrika Boroa se bapalang naheng ya Egypt mme ke sebapadi sa pele sa Afrika Boroa ho bapalla dihlopha tse pedi naheng ya Egypt.

Cleopatra ya Lakay, ke yona ka hodimo tafoleng ya dihlopha Egypt mme e butse sekgeo sa dintlha tse 7 le ha e le pele ka dipapadi tse pedi ho Pyramid e bobeding.

BALA HAPE: Mngqithi: dihlopha ditla qala ho kgwehlisa mmapalo