
Mngqithi: dihlopha ditla qala ho kgwehlisa mmapalo
Mokwetlisi wa Golden Arrows Manqoba Mngqithi o hlalositse ha dihlopha tse ding ditla qala ho lahlehelwa ke dipapadi ho latela mokgwa oo dibapang ka wona.
Le ha hole jwalo, Mngqithi ha hlalosa mabitso a dihlopha kapa sehlopha setla hapa kapa ho qala ho lahlehelwa dintlha.
“Hake nahane mohlodi wa Betway a tla tsebahala ka letsatsi la ho qetela. Ke nahana hona le batho ba bangata ba bapalang papadi e mpe empa bale lehlohonolo,” ho realo Mngqithi.
“Ho bua nnete hake nahane leki e le thata jwalo ka ha batho ba nahana. Empa hake batle ho bua haholo le ha ka pono ya ka ke bona hore dingata dintho tseo re lokelang ho dilokisa le ho phahamisa dikausu ho tsona, le sehlopha saka.”
Mngqithi o hlalositse ha boleng ba papadi ya bolo Afrika Boroa bole tlase papisong le ka moo ho lebetseng ka teng ke batshehetsi.
“Ke nahana boemo ba bolo ya rona sehleng sena habo moo batshehetsi ba lebeletseng hore bo be teng. Ke ka hoo ke lebeletseng dimakatso mme ke emetse ho bona seo.”
“Ke bona dipapading tseo batho batlo makatswa ke tsona karolong ya bobedi ya sehla. Ke bona dipapading tse sa tsitsang mme seo setla fetola sebopeho sa tafole ya dihlopha.”
BALA HAPE: Mokwetlisi wa Sundowns o re ho lekane ka lerata la batshehetsi
