Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

FIFA e bula nyewe kgahlano le SAFA le Mokoena

Mokgatlo o tsamaisang bolo lefatsheng wa FIFA o bula nyewe ya boitswaro kgahlano le mokgatlo o tsamaisang bolo Afrika Boroa wa SAFA.

FIFA e nkile qeto ya ho shebana le nyewe e amanang le sebapadi sa Afrika Boroa Teboho Mokoena, ya ileng a kena ka lebaleng kgahlano le Lesotho le ha a ne a na le dikarete tse pedi tse tshehla.

Ho ya ka SABC Sport, lengolo la nyewe le fihlileng kala 15 Lwetse, lefa Mokwena le SAFA matsatsi a tsheletseng ho ikarabela nyeweng.

Qeto ya FIFA e fihlisa pheletsong dipotso le dipuo tseo e sale di matha tsa hore Bafana Bafana ba nkelwe dintlha tse tharo ka mora hore Nigeria e be yona e dihulang ka pele ntlheng ena.

Ebang Afrika Boroa e fumanwa e le molato, e tla lahlehelwa ke dintlha tse tharo tseo e dihapileng kgahlano le Lesotho mme ditla fuwa Lesotho.

Kotlo ena e tla tsamaya le dikotlo qobello tse ding tse tla tsibiswa ke FIFA ha nyewe e se e dutse.

Sena se hlalosa hore Afrika Boroa e tla lekana le Bernin ka ditlha tse 14 le ha e tla dula ka hodimo ka lebaka la palo-hare (goal difference).

Lesotho, letla dula dintlheng tse robong mme ba tla tswa ba sa dutse boemong ba bone.

Afrika Boroa, e tla qobelleha ho hapa dipapadi tse pedi tse setseng kgahlano le Zimbabwe le Rwanda.

Papa e lateng ya Afrika Boroa e kgahlano le Zimbabwe lebaleng la Obed Itani Chilume toropong ya Francistown, Botswana.

BALA HAPE: Hugo Broos o ntshitse maikutlo ka taba ya Mokoena