
Bahlodi ba dikgau tsa kgwedi ya Phato ba phatlalatswa
Bahlodi ba dikgau tsa kgwedi ya pele ya sehla ba patlaladiswe moo mokwetlisi Eric Tinkler, Kamogelo Sebelebele le Puso Dithejane e leng bahapi ba dikgau tsena.
Tinkler ya kwetlisitseng sehlopha sa Sekhukhune United, o hapile kgau ya mokwetlisi wa kgwedi ya Phato ka mora hore sehlopha sa hae se bapalang dipapadi tse 5, ba hapa tse nne le ho bapala maleka ho e lengwe.
Tinker le sehlopha sa hae ba hlabuwe ntlha e lengwe dipapading tse hlano mme ba ka hodimo ka ntlha tse 13.
Puso Dithejane wa sehlopha sa TS Galaxy, yena o hapile kgau ya sebapadi sa kgwedi ka mora ho hlaba dintlha tse tharo papading e lengwe le ho thusetsa ho hlaba dintlha tse pedi kgweding ya Phato.
Galaxy e boemong ba bone ka dintlha tse robong (9) ka mora ho hapa dipapadi tse tharo le ho lahlehelwa ke tse pedi ho tse hlano tseo ba dibapetseng.
Kamogelo Sebelebele wa sehlopha wa Orlando Pirates o hapile kgau ya ntlha ya kgwedi. Ntlha ena ke eo Sebelebele a e hlabileng kgahlano le sehlopha sa Stellenbosch ha Pirates e ne e hlola Stellies ka ntlha ho noto (1 – 0).
Pirates e dutse boemong ba bohlano ka dintlha tse robong (9) ka mora ho hapa dipapadi tse tharo le ho lahlehelwa ke tse pedi.
Ha jwale sehla se sa kgefuditse jwalo ka ha e ld beke ya FIFA moo ho bapallang dihlopha tsa dinaha. Betway Premiership, e tla kgutla ka la 16 Lwetse.
BALA HAPE: brandon-peterson-o-phetha-nalane/
