
Ho powaneng hore Saleng a kase bapale kgahlano le Pirates
Sehlopha sa Orlando se entse se tlwaetsweng ke Mamelodi Sundowns mme se ya seholwa.
Tumellano e ditaba dipakeng tsa Monnapule Saleng le sehlopha seo a se a’dingweng sa Orbit College e ya tsejwa.
Tumellano ena e hlalosa ha Saleng le dibapadi tseng tse pedi ho Orbit di ke ke tsa bapala ha ba kopana le Pirates sehleng sena.Saleng ya dilemo di 27, o hlabile dintlha tse 25 a thusetsa ho tse 17 ka dipapadi tse 70 sehlopheng sa Orlando Pirates.
“A kase bapale” ho hlalosa mokwetlisi wa Orbit, Pogiso Makhoye ho Marawa Sports Worldwide. “Yena, Thuso Moleleki le Yanga Madiba, jwale hase yena fela.”
Orbit College e kene ho Betway ho tswa ho Motsepe Foundation ka papadi tsa mantshano. Orbit e tla qala sehla ka papadi kgahlano le Amazulu ka moqebelo lebaleng la Princess Magogo.
Papadi kgahlano le Pirates e tlaba ka la 26 Phato, lebaleng la Orlando. Ka moqebelo Pirates e tla amohela Sekhukhune ka 5:30 thapama.
Translator: Kabelo Lehasa
BALA HAPE: esperance-e-ikemiseditse-ho-lefa-ha-sundowns-e-batla-r16-million
