Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Hotto o babatsa bokgoni ba Mofokeng ba ho bala papadi

Sebapadi sa Orlando Pirates sa morao Deon Hotto o phahlile lekunutu le teng dipakeng tsa hae le Relebohile Mofokeng ka nako ya papadi.

Hotto o hlalositse ha hosa hlokahale hore ba bitsi bolo e bang e mong wa bona a e tshwere hobane ba kgona ho bonana ntle le puo.

Sebapadi sena se buile sena ka mora papadi ya bona le Chippa United moo ba kgwatisitseng Chippa ka 2 – 0 papading e bapalletseng lebaleng la Orlando labobedi bosiu.

Hotto, e bile yena sebapadi sa letsatsi ka mora ho thusetsa ntlheng ya pele ya sehlopha e hlajoweng ke Evidence Makgopa. “E bile papadi e matla.

Chippa e mohatleng mme re tsibile hore batla lwana hobane ha o le tlase moo o dula o lwanela ho nyoloha,” ho realo Hotto.

“Kutlwano ya ka le Mofokeng ke ntho ya kgale, ke dilemo tse tharo jwale. Ha a tshwere bolo, wa tseba hore o mphumana kae, haho hlokahale hore ke hweletse. O tseba moo ke e hlokang.”

Ntlha ya bobedi ya Pirates, e kene ka Oswin Appollis ho fa Pirates tlholo ya ntlha tse pedi ho noto (2 – 0) le ho kwala sekgeo dipakeng tsa bona le Sundowns.

Ha jwale Pirates le Sundowns, dilekana ka dintlha tse 25 le ha fela Pirates e le morao ka papadi e le nngwe.

Papadi e latelang ya Pirates, e tlaba ka moqebelo kgahlano le sehlopha sa Durban City e le papadi ya Betway Premiership.

BALA HAPE: Pirates e fihlella tumellano thekisong ya Mbokazi