Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ben Youssef o lomahantse meno hore dibapadi tsa hae dilokela ho bitswa sehlopheng sa naha

Ka mora ho bapala maleka a 1 – 1 le Mamelodi Sundowns, mokwetlisi wa Kaizer Chiefs Khalil Ben Youssef, o buile a lomahantse meno ka dibapadi tsa sehlopha sa hae tse lokelang hoba karolo ya sehlopha sa naha.

Chiefs e rothofaditse ditoro tsa Sundowns tsa ho hapa sehla le ho bulela Orlando Pirates monyetla wa ho ka phephetsa le ho ikgapela sehla e bang baka hapa dipapadi tsa bona tse setseng.

Ka mora papadi eo, Ben Youssef o buile ka diphetoho tse teng sehlopheng le ka moo tse ding tsa dibapadi disebetsang ka thata ka teng.

BALA HAPE: Chippa e nyaola mokwetlisi ho setse dipapadi tse tharo

“Jwalo ka ha ke buile nako e fitileng, ho bohlokwa hore rebe le dibapadi le ha e kaba tse tharo sehlopheng sa naha,” ho realo Ben Youssef.

“Hase taba ya hore ke mokwetlisi wa Chiefs empa ke dumela ha tse ding tsa dibapadi dilokela ke ho fumana monyetla sehlopheng sa naha ho latela tsela eo ba bapalang ka yona le botsitso ba bona.”

Ben Youssef o hopoditse molomo ditaba ka nako eo mokwetlisi wa naha Hugo Broos a neng a hlalosa ha a kgetha dibapadi ho latela tsela eo ba bapallang ka yona.

Mokwetlisi wa sehlopha sa naha Hugo Broos, e bile e mong wa batho ba bileng teng papading ya Chiefs le Sundowns e bakileng ditaba ho latela tsela eo dibapadi dibapetseng ka yona.

BALA HAPE: Papadi e dikgoka ya Sundowns le Chiefs e robatsa dibapadi bookelong