Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Hunt o arabela potsong ya ho kwetlisa sehlopha sa naha

Mokwetlisi wa sehlopha Durban City Gavin Hunt, o arabetse potsong e mathang haholo melomong ya batho ya hore ke mang a tla kwetlisa sehlopha sa naha ka mora Hugo Broos.

Selekane sa Broos le sehlopha sa naha setla fihla pheletsong ka mora dipapadi tsa mohope wa lefatshe mme mahlo a shebile hore ke mang ya tla fumana mosebetsi oo.

Le ha Broos ka bo yena, a nahana hore motlatsi wa hae Helman Mkhalele ke yena a tshwarelwang ke mosebetsi oo, maikutlo a fapana ho ya ka batho.

Puisanong le IDiski Times, Hunt o hlalositse ha dilemo tsa hae didumela hore a ka kena mosebetsing oo.

“Ke lemong tse nepahetseng,” ho realo Hunt.

“Ka 2010 ke fitileng dipotsong (interview), re dutse moo le batho ba mpotsitseng dipotso empa hwa kgethwa Carlos Alberto Parreira.”

“Le ka 2014, 2015 ke ile hape dipotsong empa kare ‘e kase etsahale’. Hugo o tlile mme a etsa mosebetsi o kgabane.”

Hunt ke e mong wa bakwetlisi ba Afrika Boroa banang le boiphihlelo le nalane e ipuwelelang ka bo yona.

Mokwetlisi enwa wa mehleng wa SuperSport United, o seile a hapa leki makgetlo a mararo ka tatellano le SuperSport (2007/08 to 2010) mme a e hapa hape ka Bidvest Wits ka 2016/17.

Ka 2021 Hunt ne a kwetlisa Kaizer Chiefs mme a e thusa ho fihla dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang le ha Chiefs e ne e sa kgone ho tekena dibapadi.

Hunt ya seng a fitile dipapadi tse sekete (1000) e le mokwetlisi, o hlalositse ha a dumela sehlopha sa naha se lokela ho kwetlisa ke motho a moholo ya tswang naheng eo hobane ke mosebetsi o hlokang nako le ho hloka motho ya sedi.

Bala tse ding ka Gavin Hunt le Bafana Bafana:

Hunt o hlalositse qeto ya ho tekena Koapeng

Bafana Bafana ba leba mohopeng wa lefatshe