
Motaung Jr o qhwaya sehlopha ka ZESCO United
Motsamaisi wa sehlopha (Sporting Director) sa Kaizer Chiefs Kaizer Motaung Jr, o rometse molaetsa sehlopheng ka baphepetsi ba bona ho CAF Confederation Cup.
Chiefs e tswile le dihlopha tse tharo tse matla mokgahlelong wa D. Tse pedi tsa dihlopha tseo, ke tsa Egypt (Zamalek le Al Masry) ha se seng e le ZESCO United ya Zambia.
Motaung o e lelwisitse sehlopha hore nalaneng ya sona, ha se so hlole sehlopha sa ZESCO.
“Rena le nalane e tshopodi kgahlano le ZESCO, lekgetlo la ho qetela ba re hlotse 5 – 2, hare so hlole sehlopha sa Zambia,” ho realo Motaung Jr.
“Ke dumela ha e le taba ya ho ingola nalane e ntjha mme ke papadi e haufi tabeng ya ho tsamaya le dihlophiso.”
Motaung o dumetse ha bale ka hara pitsa ya dihlopha tse matla mme o dumela ha e le phepetso e tlaba matla eo batla tobana le yona.
Chiefs e na le nalane e ntle lapeng kgahlano le dihlopha tsa Egypt le ha ba sokola ha ba etile.
Lekgetlo la ho qetela Chiefs e bapala le sehlopha sa Egypt ke ka 2021 makgaolakgang a CAF Champions League moo ba hlotsweng ke Al Ahly ka ntlha tse tharo.
Chiefs e tla nkana le sehlopha sa Orbit College papading tsa Betway Premiership kajeno [04 Pudungwane] lebaleng la FNB ka 19:30.
Bala tse ding tse amanang le Kaizer Chiefs:
