
Sehlopha sa Botolo Pro League se bontsha kgahleho ditshebeletsong tsa Mabasa
Sehlopha se bapalang ho Botolo Pro League naheng ya Morocco, se bontshitse kgahleho e kgolo sebapading sa mehleng sa Orlando Pirates le Bloemfontein Celtic.
Hoya ka KickOff, sehlopha sa Maghreb Fez, se bontshitse kgahleho e kgolo ho Tshegofatso Mabasa ya qetang ho arohana le Pirates.
Pirates, e tsibisitse ha e ke ke ya tswelapele le Mabasa eo baneng ba kadimane ka yena ho Stellenbosch bakeng sa karolo ya bobedi ya sehla.
Sebapadi sena se dihlabang hoya le ho kgutla, o ne a haelwa hanyane fela a be a fetoha mohlabadintlha wa mantlha ho Pirates empa sehlopha sa nka qeto ya ho fedisa botho ba hae.
Hoya ka KickOff le mohlodi wa bona, Maghreb e teketse Mabasa tumellano ya dilemo tse pedi tafoleng le moropotso o hlamatsehang e bang sebapadi sena seka dumela ho bapalla sehlopha sena.
Mabasa o dilemo di 29 mme o ntse a ka kgona ho ho bapala dihla tse ding tse hlano pele a ka nahala ho beha meja fatshe papadi.
Tebello ke ho utlwa le ho bona e bang sebapadi sena sa Afrika Boroa sa matjhabatjhaba setla nka tumellano e tekilweng.
BALA: Cape Town City e tla bapala sehla se seng hape ho Motsepe Foundation
