
Inacio Miguel o re Sundowns ha ya lebona
Mokaptene wa sehlopha sa Kaizer Chiefs Inacio Miguel o re Mamelodi Sundowns e tla kopana le pela di falla kajeno papading ya Betway Premiership ha hlopha tsena tlabe di teyena.
Sundowns e tla etela Chiefs bosiung ba kajeno papading ya bona ya bone eo ho lebeletsweng hore e tlabe e phophoma batshehetse.
Miguel o re o hlompha sehlopha sa Sundowns empa bosiung ba kajeno hotla didietsa motho.
“Ka hlompho ho Sundowns, re sehlopha se seholo, ho bapalla lapeng le ho ba le batshehetse ba rona ke kgothatso e kgolo ho rona,” ho realo Miguel.
“Re batla ho fetola FNB kgohlo e lefifi mme re batla dintlha tse tharo papading ena.”
Miguel o dumetse hore Sundowns ke phepetso e kgolo sehlopheng.
“Sundowns ke teko e kgolo ho rona empa bahlankana ba malala-a-laotswe….
Ke nnete re bile le nako e ngata ya ho itukisetsa papadi ena.”
Lekgetlo la ho qetela Chiefs le Sundowns di bapala, Chiefs e hlotse Sundowns ka ntlha tse pedi ho e lengwe (2 – 1) e bile e le papadi ya mohope (Nedbank Cup).
Bobedi dihlopha tsena sehleng sena hadiso lahlehelwe dipapading tsa Betway le ha Sundownse inyeka maqeba ka mora ho hlolwa ke Orlando Pirates ho MTN8.
Chiefs e se e hlotse dipapadi tse tharo ka tatellano ha Sundowns e hlotse tse pedi ya bapala maleka ho e lengwe. Papadi ya kajeno e tla bapalla lebaleng la FNB ka 19:30.
BALA HAPE: chiefs-e-tekena-maboe-ho-matlafatsa-sehlopha
