Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Kaizer Chiefs e imatlafatsa ka ho hlwaya CEO

Sehlopha setla qeta se dutse borarong sa tafoleng ya dihlopha ho Betway Premiership sa Kaizer Chiefs, se netefaditse ha se hlwaile setho sa sona sa mehleng jwalo ka CEO.

Chiefs, e hlaile Bheki Shongwe ho sebetsa jwalo ka CEO kapa Group Chief Executive Officer [GCEO] e ntjha ya sehlopha.

Shongwe ya kileng a sebetsa le Chiefs nako e fitileng, o sebeditse jwalo ka Managing Director bakeng sa dilemo tse tharo [2009 – 2012].

Pele ho qeto ya kajeno Shongwe o ne sebetsa jwalo ka sehlo sa nakwana [non-executive director] moo a neng a thusetsa ka tsebo ya hae diqetong tsa tsamaiso sehlopheng.

BALA: Zwane ha bona Durban City e tla kgutla e phela Amstel Arena

Mosebetsing wa hae o motjha, Shongwe o tla hlwela tshebetso ya letsatsi le letsatsi ya sehlopha moo a tla tlaleha ho modulasetulo wa sehlopha le ho ditho tse ding tsa botsamaisi ba sehlopha.

Chiefs e lebelletswe ho etsa diphetoho le bokwetlising ba sehlopha le ha hoso hlake hore ke mang yatla nka marapo ho Cedric Kaze le Khalil Ben Youssef bakeng sa sehla setlang.

Sehlopha se setse ks dipapadi tse pedi tse ke keng tsa etsa phetoho maemong ao sehlopha setla qeta se dutse ho ona.

BALA: Junior Khanye o bapisa sehla sa Ben Youssef, Kaze le Nabi