
Mokwetlisi wa Orlando Pirates o hlalosa bohlokwa ba batshehetse
Mokwetlisi wa sehlopha sa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou o hlalosa bohlokwa ba batshehetse pele ho papadi e matla ya moqebelo kgahlano le St Eloi Lupopo.
Ouaddou o hlalositse ha hole bohlokwa hore batshehetse ba sehlopha ba be teng ka bongata ka moqebelo ho fa sehlopha morolo.
Pirates, e morao ka dintlha tse tharo ho St Eloi Lupopo ka mora ho hlolwa mafelo a fitileng a beke naheng ya DRC.
“Ke nnete re ya bahloka. Papadi ya moqebelo e hloka motho wa 12 hlakoreng la rona. Ke dumela ha lebala letla be le phophoma balatedi ka moqebelo,” ho realo Ouaddou.
“E tlaba papadi e bohlokwa nalaneng ya sehlopha. Re hloka ho hlaba dintlha tse nne mme ho kasebe bonolo le ha nyane.”
Pirates e hloka ho hlola papadi ka ntlha tse tharo kapa ho feta hore e fetele dipapadi tsa mekgahlelo (group stages).
E bang sehlopha se hlaba dintlha tse tharo ntle le ho hlajwa ntlha, papadi e tla leba thahong ya mekoko.
Empa ha sehlopha seka hlaba dintlha tsd nne kapa ho feta, papadi e tla fela e le hore Pirates e fetela pejana.
Papadi ena, e tla tshwarelwa lebaleng la Orlando ka moqebelo mme e tla thakgoha ka hora ya boraro thapama.
