
Gallants e phatlalatsa Mohafe jwalo ka mokwetlisi wa bona
Sehlopha se phonyohile selepe metsotsong ya ho qetela sa Marumo Gallants, se tsibisitse Phuti Mohafe jwalo ka mokwetlisi wa bona bakeng sa sehla setla qala sa dipapadi.
Gallants e qadile sehla e kwetliswa ke Alexandre Lafitte ya ileng a behelwa ka thoko mosebetsing pele sehlopha se tsibisa ka ho nyaolwa ha hae le ho tsibisa Jamil Benouahi jwalo ka mokwetlisi ya tla tshwara marapo.
Benouahi, o bonahetse papading e le nngwe mme sehlopha sa tshireletsa bosiyo ba hae ka hore o ntse a sa phela hantle mme Trevor Mathiane e bile yena motshwara teu dipapading tsa ho qetela tsa sehla.
BALA: Algeria e hlahlela tletlebo kgahlano le moletsaphala
Phatlalatso ya Mohafe e tla ka nako eo dihlopha dimathang lepatlaka ho itukisetsa sehla sa 2026/27 sa dipapadi.
Gallants e qetileng e dutse boemong ba 14 ka dintlha tse 25, e hlalositse ha qeto ya ho tlisa Mohafe ya neng a kwetlisia Polokwane City e le ho leka ho matlafatsa sehlopha le ho qala sehla ka noto e hodimo.
BALA: Tunisia e ba naha ya pele ya Afrika ho menahana le mehlala
