
Matthew Breetzke o tswelapele ho ngola nalane
Sebapadi sa Afrika Boroa Matthew Breetzke, o tswelapele ho ipabola ka makgabane papading tsa di’ODI ka ho etsa nalane.
Breetzke o se a e ntse ’50+’ (half century) tse hlano, makgetlo a mahlano ka tatellano dibapading tsa hae tse hlano tse qalang tsa di’ODI.
Sebapadi sena se dilemo di 26, se qadile ho bapalla naha mofuta ona wa papadi selemo sena mme papading ya hae ya pele, o etse 150 ha Afrika Boroa e ne bapala le New Zealand.
Dipapading tse hlano tseo a seng a dibapatse, o kgonne ho bokeletsa mematho e 463 e leng se moetsang sebapadi sa pele lefatsheng ka dipapadi tse qala.
Hona dipapading tsena, Breetzke o se a bapetse le dinaha tse nne dibakeng tse nne tse fapaneng mme sena se hlalosa hore ke sebapadi se kgona ho bapala ka bokgane mefuteng e fapaneng ya mabala.
Breetzke ya otlang ka letsoho le letona, o kgona ho bapala jwalo ka sebapadi se thibang (wicket keeper) mme o hlaloswa jwalo ka motho ya kgonang ho bapala tlasa kgatello.
Papading ya hae ya ho qetele, Breetzke o thusitse Afrika Boroa ho hlola England lapeng lekgetlo la pele ho tloha ka 1998 mofuteng ona wa papadi (ODI) aba a ikgapela kgau ya sebapadi sa letsatsi.
BALA HAPE: diproteas-di-hlolela-england-lapeng
