
Boitukiso ba Di’Proteas bo motjheng bakeng sa mohope wa lefatshe
Boitukiso ke bo matla sehlopheng sa naha sa basadi papadi ya krikete bakeng sa mohope wa lefatshe wa T20.
Di’Proteas tsa basadi, di leetong naheng ya English moo batla bapala mohope wa lefatshe oo e tlaba teko e matla ho latela sehlotshwana seo baleng ka hara sona.
Mokgahlelo wa pele o arotswe ka dihlotshwana tse pedi mme Afrika Boroa ena le dinaha tse tse jwalo ka Australia, Bangladesh, India, Nederlands le Pakistan.
Mona sehlopha se lokela ho hapa bonyane dipapadi tse tharo hore ba dule dihlopheng tse pedi tse ka hodimo ho fetela mokgahlelong o lateng.
BALA: Mvala o kgutlela ka lebaleng ka mora kotsi ya nako e lelele
Dipapading tse fitileng tsa mohope wa lefatshe sehlopha se hlotswe papading ya makgaolakgang ka mematho e 32 ke naha ya New Zealand ka 2024.
Di’Proteas ke se seng sa dihlopha tse sebetsang hantle ka ho fitisisa lefatsheng jwalo ka ha ba dula ba fihla dipapadi tsa makgaolakgang mehopeng e fapaneng.
Sehlopha setla bapala dipapadi tse pedi tsa ho itukisetsa dipapadi tse qalang mme papadi ya pele e tlaba kgahlano le naha ya Ireland ka la 06 Phupjane.
BALA: Bohlaswa tsamaisong ya SAFA bo kenyetsa Afrika Boroa mahlo hape
