Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Bompudi ba Afrika ba itshupa mohopeng wa lefatshe

Sehlopha sa Afrika Boroa sa ba dilemo dika tlase ho 20, ba etsa nalane le ho itshupa mohopeng wa lefatshe hore ke hobaneng e le bona bompudi ba jwale ba Afrika.

Sehlopha sena se kwetliswang ke Raymond Mdaka, se fetetse dipapadi tsa mekgahlelo (last 16) lekgetlo la pele nalaneng ya naha ka mora ho hlola naha ya USA ka ntlha tse pedi ho e le nngwe (2 – 1) ka sontaha bosiu.

Amajita ba kene papading ena bahloka tlholo kapa ho bapala maleka hore ba fetele pele mme ba tlile le ntlha tse tharo diphela.

USA, e hlabile ntlha pele metsotsong e qalang ya papadi empa masole a Mdaka a leka ka matla ho lekanya dintlha mme ba qobela USA ho itlhaba ka lerumo.

Afrika Boroa e tswelapele pele ho tsomana le ntlha ya bobedi pele ho kgefutso mme metsotso pele ba leba kgefutsong, Gomolemo Kekana ya ileng a hlaba ntlha ya tlholo makgaolakgang a AFCON, a fumana Amajita ntlha ya bobedi.

Papadi e fedile ka 2 – 1 e le netefatso ya hore Afrika Boroa le dihlopha tse pedi tsa Afrika (Morroco le Nigeria) ditla fetela pele mohopeng ona wa lefatshe.

Sehlopha se atlehile ho hapa dipapadi tse pedi tsa tse tharo tseo ba dibapetse mme ba itshupile hore ke bompudi ba ha jwale ba Afrika.

Ha jwale hotla emelwa lotho e tla etswa ho tseba hore dihlopha ditla bapala jwang ho ya fihlang ho makgaolakgang.

BALA HAPE: Mdaka o ntsha maikutlo ka mora ho hlola New Caledonia