
Kekana o hlalosa ha sehlopha se ntse sele tlasa kgatello
Sebapadi sa Mamelodi Sundowns sa lebota la morao Grant Kekana, o hlalositse ha sehlopha se ntse sele tlasa kgatello le ha e se bona ba tshireletsang sehla.
Kekana o buile sena ka mora papadi ya bona le Kaizer Chiefs e fedileng ka maleka a 1 – 1 ka moqebelo.
Sundowns, e qetile e dutse boemong ba bobedi ka mora Orlando Pirates eo e leng yona e hapileng sehla.
Le ha hole jwalo, Kekana o hlalositse ha Sundowns e ntse e le tlasa kgatello hotswa dihlopheng tse ding.
“Dihlopha tse ding ho Betway dintse dilelekisana le rona mme seo se bontsha tshebetso e ntle e sehlopheng,” ho realo Kekana.
BALA:
“Hose tshireletse sehla ho tlosa kgatello hanyane ho rona empa re ntse rele teng dihlopheng tse tlasa kgatello mme re batla ho hapa sehla.”
Sundowns eo e leng batshireletsi ba mohope wa Afrika [CAF Champions League] ba bapetse dipapadi tse pedi ho Betway mme ba hapile e le nngwe le ho bapala maleka papading e nngwe.
Sehlopha setla bapala papadi ya sona e morao kgahlano le Marumo Gallants ka laboraro la 19 Phato.
BALA: Sundowns e kena dipuisanong tse tshepisang le Lille ka Thato Sibiya
