Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sundowns e kena dipuisanong tse tshepisang le Lille ka Thato Sibiya

Sehlopha sa Mamelodi Sundowns se dipuisanong tse tshepisang le sehlopha sa Lille se bapalang Ligue 1 ya France.

Dipuisano tsena dika lekejakejane la Sundowns Thato Sibiya ho leba naheng ya France ka kadimo.

Sibiya ke sebapadi sa ntshetso pele ya Sundowns se fumaneng monyetla sehlopheng se seholo dipapading tsa CAF Champions League.

BALA: Cape Town City e tswelapele ho hana ka lekejakejane la bona

Sebapadi sena e boetsa yaba karolo ya sehlopha sa naha sa under-20 se bapetseng mohopeng wa lefatshe naheng ya Chile.

Tebello ke ho bona hore dihlopha ka bobedi [Lille le Sundowns] ditla fihlela tumellano ya kadimo le ho abela sebapadi sena monyetla wa ho ithuta le ho hola naheng e fapaneng.

BALA: McCarthy o bapala papadi ya pele ha Mbule a hapa kgau