
Kgatiso ya Mokoena a kganna a shebile mohala e baka ditaba
Sebapadi sa Mamelodi Sundowns le Bafana Bafana Teboho Mokoena o seholotswe ka bohale ke ba bang ba basebedisi ba marangrang ka mora kgatiso eo ho yona a hlahang a kganna a shebile mohala.
Kgatisong ena Mokoena o bonahala a le tseleng mme e le yena a kgannang a ntse a nyerela mohala a bile a bina a thabile.
Ketso ena e bakile dipuo dihana ho fela moo ba bang ba batho ba hlalositseng sena e le ketso e swabisang haholo ka matsatsi a phomolo ya paseka moo dikotsi tsa mebileng dietsahala ka bongata.
Mokoena ke se seng sa dibapadi tsa bohlokwa ka hara Afrika Boroa le sehlopheng sa hae sa Sundowns mme batho ba mmona jwalo ka letlotlo la naha le lokeng ho ipaballa ka dinako tsohle haholo ka nako eo naha e tla leba mohopeng wa lefatshe dikgwedi tse tlang.
BALA HAPE: Mofokeng le Pirates ba qala moo ba qetetseng ka dintlha
