
Mdaka o ntsha maikutlo ka mora ho hlola New Caledonia
Mokwetlisi wa Amajita Raymond Mdaka o re bane ba lokela ho hlaba dintlha tse ngata ho feta tseo ba difumaneng.
Amajita, ba hlotse New Caledonia ka ntlha tse hlano ho noto (5 – 0) papading ya bona ya bobedi ya mohope wa lefatshe o tshwaretswe Chile.
Mdaka o re ba bapetse ka menyetla e neng e totobetse ya ho hlaba dintlha le ho ipeha ka botleng.
“E bile papadi ya matla eo re neng re lokela ho e hapa ka tsohle mme re ne re hloka dintlha tse ngata.
Re kabe re hlabile dintlha tse ngata empa re bapetse ka menyetla e bileng teng,” ho realo Mdaka.
Sehlopha setla kena papading e matla ya boraro kgahlano le USA e seng e fetetse pele ka mora ho hapa dipapadi tsa bona tse pedi.
Afrika Boroa e tla hloka ho hapa kapa ho bapala maleka hore e fetele mohatong o ka pele wa dipapadi tsena.
E bang sehlopha se sa hape kapa ho bapala maleka le USA, setla tshepela dihlopheng tse ding ho hlolela dipapadi tsa bona hodimo.
Sena se hlalosa hore sehlopha setla feta se dutse boemong ba boraro e bang dihlopha tse ding tse dutseng boemong ba boraro dihlolwa ka palo e hodimo ya dintlha.
Mdaka le sehlopha batla nkana le USA ka la hlano (5 Mphalane) ka hora ya leshome ka nako ya Afrika Boroa (22:00) Central America Time.
BALA HAPE: Broos o kgutsufatsa sehlopha le ho ntsha maikutlo
