Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Kruger United e hana ho hlakisa mathata a ka hare a sehlopha

Sehlopha se fihlang ho Betway Premiership sa Kruger United, se hanne ho hlakisa diketsahalo tsa moraorao tse amang botsamaisi ba sehlopha.

Ho ya ka masedinyana le se nyenyepileng ho marangrang, setho sa tsamaiso ya sehlopha Basil Khoza eo e leng monga sehlopha ka kopanelo, o batla taolo ya sehlopha a leng mong.

Sena se utlwahetse ka mora hore ho utlwahale ha Bongani Watie sa hlole e ba karolo ya sehlopha.

Le ha hole jwalo, sehlopha se hanne ho arabela menyenyetsing ena kaofela hore ke ntlha e fe eo e leng nnete.

Sporting Director sa sehlopha Elasto Kapowezha, o hlalositse ha jwalo ka sehlopha ba ke ke ba arabela menyenyetsing ya marangrang.

Kapowezha o hlalositse ha ntho e nngwe le nngwe eo sehlopha se batlang ho e tsibisa e tla tsejwa ka tsela tse nepahetseng tsa ho fitisa melatsa.

Diketsahalo tsena ditlisa dipotso ka botsitso ba sehlopha jwalo ka ha se sa qala sehla hantle.

Ha jwale sehlopha se dutse boemong ba 13 ka dintlha tse nne kamora dipapadi tse 7.

7  Games
1 Win
1 Draw
5 Defeats

BALA: Zwane o tshehetsa mohlabadintlha wa hae kgaung ya selemo