Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Chiefs e hlaselwa ke dikotsi ka nako e mahlonoko

Sehlopha sa Kaizer Chiefs se hlaselwa ke dikotsi ka nako e mpe ya selemo.

Sethibathibane sa sehlopha Brandon Petersen, o tla dula kantle nako ya kgwedi kapa ho feta.

Sena ka mora hore a tswe kotsi eo ho hlaloswang e le ya lengoleng. Petersen, o ntse a le tlasa ditshehollo ho tswa ho ba bang ba batshehetsi ka lebaka la diphoso tsa hae.

Sebapadi se seng setla fetwa ke dipapadi ke Wandile Duba yatla dula kantle nako ya dibeke tse pedi.

Ho tlalehwa ha Duba a tswile kotsi ya seropeng [groin]. Bobedi bona bo nyolla palo ya dibapadi tsa Chiefs tse tswileng dikotsi.

Lenane la dikotsi:

Brandon Petersen
Wandile Duba
Thabiso Monyane
Langelihle Phili
Khanyisa Mayo
Flavio Silva.

Dibapadi tse ding tse jwalo ka Rushwin Dortley le Nkanyiso Shinga, ba qadile ka boikwetliso ka mora ho oka dikotsi nako e lelele.

Chiefs e tla bapala dipapadi tsa kontinente ka mora kgefutso ya FIFA mme Chiefs e tla hloka dibapadi tsohle bakeng sa dipapadi tsa mehope e fapaneng.

BALA: AmaZulu e kena selekaneng le sehlopha sa Spain