Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Seema o leboha moifo wa hae ka ho boloka boemo ba sehlopha

Mokwetlisi wa Siwelele FC Lehlohonolo Seema, o lebohile moifo wa hae wa bokwetlisi ka mora papadi ya bona le Kaizer Chiefs.

Seema, o bontshitse thabo e makatsang ka mora ho hlola Chiefs ka 2 – 0 mme a sebedisa monyetla oo ho leboha bohle ka seabo sa bona.

Ha a bua ka mora papadi, Seema o hlalositse ha thabo ya hae e se ho hloleng Chiefs ha kalo empa e le ya ho fumana dintlha tse tharo le ho tswa ntjeng ya ho rengwa ke selepe.

“Ke batla ho leboha moifo wa ka wa bokwetlisi, ke bona ba jarileng mefokolo le ho ntshehetsa ka dinako tsohle. Sehleng setlang sehlopha setla bapala ho Betway ka lebaka la tshebetso ya bona mme ke batla ho bua phatlalatso hore ke ya leboha,” ho realo Seema.

BALA HAPE: Barker o hlola Yanga ho phahamisa mohope wa pele le Simba SC

Tlholo ya Siwelele kgahlano le Chiefs e ba bahile dintlheng tse 32 e leng boemo bo bolokehileng hore sehlopha seka rengwa ke selepe.

Seema, o hlalositse ha phihlello ya papadi eo, e bile eo baneng ba e beile mme ba e fihletse hantle bale lapeng.

“Batho batla bua hore rena le dipapadi tse nne tse setseng empa sena ke phihlello ya rona moo re tshireleditseng boemo ba sehlopha mme re e ntse seo rele lapeng.”

Siwelele se nkile maemo a SuperSport United e batlileng e rengwa ke selepe sehleng se fitileng empa tseo tsohle ke pale e fitileng jwalo ka ha sehlopha se lwanela boemong dihlopheng tse 8 tse ka hodimo.

BALA HAPE: Parker o dumela batla hlola City ho phahamisa mohope wa Nedbank