
Laura Wolvaardt o re batla kgutla jwalo ka sehlopha
Mokaptene wa sehlopha sa naha papading ya krikete Laura Wolvaardt, o re batla kgutla jwalo ka sehlopha le ho hapa mohope wa lefatshe.
Wolvaardt o buile sena ka mora hore Afrika Boroa e hlolwa ke India papading ya makgaolakgang a mohope wa lefatshe wa ODI.
“Ke dumela ha re tla dula re fihla dipapading tsa makgaolakgang mme ka letsatsi le leng retla hapa,” ho realo Wolvaardt.
Wolvaardt ke yena a entse mematho e mengata ka ho fitisisa (571 runs) mohopeng ona wa lefatshe le ha sehlopha sa hae se hlotswe ho makgaolakgang.
Papadi e tlang pele ho makgaolakgang (semi-final) Wolvaardt o entse mematho e 169 mme le papading ya makgaolakgang, o lwanne molamo wa hlooho ho etsa mematho e 101 pele a ketolwa.
Sena se beha sebapadi sena ka hodimo-dimo nalaneng ya dibapadi tsa basadi ho etsa mematho e mengata mohopeng o le mong (most runs in single edition).
“Ke nahana re sehlopha se ntseng seba le botsitso jwalo ka ha re dula re fihla ho makgaolakgang ho feta pele moo re neng re fihla hang ka mora nako.”
Di’Proteas tsa basadi, dise dibapetse makgaolakgang a mararo dilemong tse tharo ka tatellano mme ba hlotswe ho ona kaofela.
Wolvaardt o babaditse dibapadi mmoho le yena ka mora papadi e matla eo ba e bontshitseng.
Marizanne Kapp, Tazmin Brits, Nonkululeko Mlaba, Nadine De Klerk, Chloe Tyron ke ba bang ba dibapadi tse Wolvaardt a buileng ka seabo sa bona papading.
Bala dintlha tse ding ka Di’Proteas:
