Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Stellies se kokotela Chiefs ho botsa ka Ashley Du Preez

Sehlopha sa Stellenbosch FC tlasa bokwetlisi ba Gavin Hunt, se kene dipuisanong le Kaizer Chiefs ho botsa ka sebapadi sa bona sa mehleng.

Ho ya ka IDiski Times, Stellenbosch se mehlaleng ya sebapadi sa bona sa mehleng Ashley Du Preez ya sokolang metsotso ya ho bapala sehlopheng sa Kaizer Chiefs.

Stellenbosch, se arohane le dibapadi tse ngata tekong ya ho ikaha bontjha mme sehlopha se dumela ha Du Preez a ka bapala karolo e kgolo ho thuseng sehlopha.

BALA: Sebapadi sa Chiefs se fumana le hae le letjha naheng ya Azerbaijan

Du Preez o lebile ho Chiefs ka mora ho bapala dipapadi tse 69 ho Stellies empa a sokola ho iphumana mebaleng ya Chiefs moo a seng a hlabetse sehlopha dintlha tse 19 dipapading tse 96.

Tebello ke ho bona e bang dihlopha ka bobedi ditla fihlela tumellano ya thekiso kapa kadimo sebapading sena.

Bokamoso ba Du Preez ho Chiefs, bo batla bosa tsitsa jwalo ka ha sehlopha setla sebetsa le mokwetlisi ya motjha sehleng setlang.

BALA: Mokwetlisi wa Pirates o lla ka mokgathala