Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Maemo ha matle lehlakoreng la Mothobi Mvala

Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o fanne ka tlaleho ya moraorao mababi le sebapadi sa bona sa morao le mmpeng ya lebala, Mothobi Mvala.

Cardoso o hlalositse ha Mvala a tla feta dithipeng mme ho ka monka nako pele a ka kgutlela ka lebaleng hape.

Lekgetlo la ho qetela Mvala a bapala e ne e le kgahlano le Golden Arrows ha Sundowns e tla hlolwa ka ntlha ho noto.

Mvala, o bapetse metsotso e mashome a mararo (30 minutes) fela papadi eo.

Cardoso o hlalositse ha e bile qeto ya sebapadi le bongaka ba sehlopha ho hlwela maemo a kotsi.

“Ka bomadimabe re lahlehelwa ke Mothobi, o tla feta dithipeng. Re tsibile hore ho sheba kotsi ya hae ya lengole, ho kaba le ditlamorao tse seng monate.”

Sena se hlalosa hore Mvala a kanna a fetwa ke dipapadi tsa AFCON tse tla qala ka kgwedi ya tshitwe ho isa kgweding ya Pherekgong selemo setlang.

Letswallwa lena la Theunissen, e ne e le karolo ya sehlopha sa Bafana Bafana ka 2023 se tlileng le metale wa bronze.

BALA HAPE: Broos o kgutsufatsa sehlopha le ho ntsha maikutlo