Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ouaddou o re Afrika Boroa le Morroco dimotjheng o motle

Mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o re Afrika Boroa ke e nngwe ya naha tseo ntshetso peleng ya bona e tla beha ditholwana tse monate haufinyana.

Ouaddou o buile sena a ipapisitse le tshebetso ya sehlopha sa Amajita mohopeng wa lefatshe moo sehlopha se fetetseng mohatong o ka pele ka mora ho hlola USA ka 2 – 1.

Letswallwa lena la Morroco ha siya naha ya habo eo le yona e bohahalang e sebetsa ka thata ntshetso peleng.

“Hona le naha tse nketsang motlotlo mme Afrika Boroa ke e nngwe ya tsona hobane ho bonahala diutlwisisa ho fetoha ha papadi ya bolo,” ho realo Ouaddou.

Ouaddou o hlalositse ha kutlwisiso ya ntshetso peleng ya papadi e le bohlokwa ho shejowe bokamo le ditlhodisano mme o buile sena a sa siye naha ya Morroco morao.

“Seo Morroco, Afrika Boroa Senegal le Ivory Coast di dietseng, ke dumela ele bakeng da bokamoso mme ha re tswelapele ka pono ena bakeng sa kontinente ya rona, lemo tse tlang re ka hapa mohope wa lefatshe.”

Naha ya Morocco e satwa ho fihla papading tse tlang pele ho tsa makgaolakgang mohopeng wa ho qeta wa lefatshe.

Bobedi Morocco le Afrika Boroa, dibapetse makgaolakgang a AFCON ho baka tlase ho dilemo tse 20 mme bobedi dihlopha di mohopeng wa lefatshe wa baka tlase ho dilemo tse 20 moo ba fetetseng mohatong o ka pele.

BALA HAPE: Bompudi ba Afrika ba itshupa mohopeng wa lefatshe