Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o hlalosa mokgwa wa ho kgetha dibapadi sehlopheng

Mokwetlisi wa sehlopha sa naha papading ya bolo Hugo Broos, o hlalositse tsela eo a kgethang dibapadi ka yona ka mora ditshehollo tse matla tseleng eo a kgethang dibapadi ka yona.

Broos, o satswa tataisa Afrika Boroa ho leba mohopeng wa AFCON le mohopeng wa lefatshe o tla tshwarwa ka kopanelo ke Canada, Mexico le USA jwalo ka ha a ne a tshepisitse.

Qeto tsa letswallwa lena la Belgium tsa ho siya tse ding tsa dibapadi, disile ba bang ba batho ba ipotsa hore o kgetha dibapadi jwang mme o phahlile pinyane.

“Ke ya tseba batho ba ba dule ba dumelang le tsela eo ke etsang dintho ka yona empa ho nna ke ntho e bobebe,” ho realo Broos.

Broos o qollotse ntho tse tharong tseo a dishebang sebapading pele a ka sebitsa sehlopheng sa naha.

“Ke sheba ntho tse tharo, boleng, mohopolo o nepahetseng le bokgoni ba ho latela ditaelo.

“Ntho ya pele ha ke shebella sebapadi, ke sheba mohopolo wa sebapadi, tse ding ditla ka morao.”

Broos o hlalositse ha boraro bona bo fetotse sebopeho sa sehlopha sa Bafana Bafana le ho bafa motjha o nepahetseng.

Bafana Bafana ke sona fela sehlopha sa Afrika e ka boroa (Southern Africa) setla leba mohopeng wa lefatshe selemo setlang.

BALA HAPE: Bafana Bafana ba leba mohopeng wa lefatshe