
Ben Youssef ka bokamoso ba hae: Botsa botsamaisi
Setho sa bokwetlisi sehlopheng sa Kaizer Chiefs, Khalil Ben Youssef, o arabetse potso ya bokamoso ba hae ka bohlale jwalo ka ha sehla se fihla pheletsong.
Ditumellano tsa Ben Youssef le Cédric Kaze sehlopheng, ditla fihla pheletsong mafelong a sehla mme tebello ke ho bona hore batla e kelletswa nako ya ho dula kapa tjhe.
Bobedi bona bo nkile marapo ho Nasreddine Nabi mme ba phahamisetsa sehlopha boemong ba boraro le ha batshehetsi bantse ba sa kgotsofatswa ke tse ding tsa dintho.
Ha arabela potsong ya bokamoso ba hae, Ben Youssef o hlalositse ha potso eo e lokela ho tobiswa ho botsamaisi e seng yena.
BALA: Letsatsi la papadi ya Sundowns le TS Galaxy le baka ditaba
“Re tlile kwano ho sebetsa, potso ya bokamoso sehlopheng, o ka e lebisa ho botsamaisi ba sehlopha, e seng nna,” ho realo Ben Youssef.
Tebello ke hore Chiefs e tla etsa diphetoho bokwetlisi hoya ka mantswe a Sporting Director sa sehlopha Kaizer Motaung Jr.
Le ha hosa hlaka hore ke mang a tla kwetlisa, Chiefs e lebelletswe hoba ke mokwetlisi a leng mong papisong le ha jwale ho ho sebetsang bakwetlisi ba babedi.
E bang sehlopha seka hapa dipapadi tse pedi tse setseng, setla fihlela palo ya dintlha eo sehlopha se e fihletseng ka 2019/2020 ka nako eo eo baneng ba qeta ba dutse bobeding [57 points].
BALA: CAF e latola kopo ya Sundowns le ASFAR ka moletsaphala
