
Lunga o re lebelo dipakeng tsa bona le Pirates le hole le ho fela
Sebapadi sa Mamelodi Sundowns Divine Lunga, o hlalositse ha bantseng bana le monyetla jwalo ka sehlopha ho lwanela sekola sa Betway Premiership.
Sundowns e bapatse maleka a 1 – 1 le Chiefs papading eo baneng ba hloka dintlha tse tharo ho yona hore ba dule monyetleng wa ho hapa sehla.
Le ha sehlopha sele ka hodimo tafoleng ya dihlopha ho Betway Premiership, sehlopha se bobeding sa Orlando Pirates, se monyetleng wa ho nka ketapele e bang baka hapa papadi eo baleng morao ka yona mme batla nka ketapele ka ka palohare ya dintlha tse hlabilweng [goals difference].
Le ha hole jwalo, Lunga o hlalositse ha dibapadi ntse ditletse tumelo le tshepo ya hore batla tshireletsa mohope wa bona le ho o hapa lekgetlo la borobong ka tatellano.
“Moya wa bahlankana o ntse o le hodimo le ha resa hapa le ho fumana dintlha tseo re neng re dibatla kgahlano le Chiefs,” ho realo Lunga.
“Ha jwale mehopolo e papading e latelang e kgahlano le Siwelele mme retl etsa tsohle ho fumana dintlha tse tharo hobane lebelo le ntse le tswelapele.”
Sundowns e setseng ka dipapadi tse pedi, e tla hloka ho hapa le ho hlaba dintlha tse ngata e bang e batla ho feta Pirates le ho tshireletsa sekola sa bona.
Pirates ka ho le leng, e lokela ho hapa dipapadi tsa bona tse tharo tse setseng le ho etse bonnete ba hore ba hlaba dintlha ho hapa sehla ka mora dilemo tse fetang leshome.

BALA HAPE: Ouaddou o dumela ha Chaine e lokela hoba karolo ya Bafana Bafana
