
Sundowns e welwa ke leru le letsho la dikotsi
Sehlopha se lebeleng la ho hapa sehla le ho bapala ho makgaolakgang a CAF Champions League sa Mamelodi Sundowns, se wetswe ke leru le letsho la dikotsi dibapading tsa bona tsa bohlokwa.
Dibapadi tse mmalwa tsa Sundowns, ditla fetwa ke dipapadi tse setseng tsa sehlopha mme e bile e le dipapadi tsa bohlokwa bakeng sa mehope e mehope naheng le kontinenteng.
Miguel Reisinho le Mothobi Mvala ke tse ding tsa dibapadi tseo e sale di dula kantle ka dikotsi mme morao tjena Keanu Cupido ya lemetseng lehetleng, le yena o tla fetwa ke dipapadi tse setseng tsa sehlopha.
Sebapadi sa moraorao se tla fetwa ke dipapadi tse setseng tsa sehla ke Arthur Sales ka mora kotsi ya ileng a e fumana kgahlano le Richards Bay.
BALA HAPE: Naha ya Mexico e qala boikwetliso ba mohope wa lefatshe
Tebello ke ho utlwa e bang Thapelo Morena o tla kgona ho bapala dipapadi tse sentse ka mora hore le yena a hate ha bohloko papading ya Kaizer Chiefs.
Sundowns e tla hloka sebapadi sena se bapalang hohle ka lebaleng haholo bakeng sa dipapadi tsa makgaolakgang a CAF Champions League jwalo ka ha a na le boiphihlelo.
Se seng sa dibapadi tse tla fetwa ke dipapadi tse setseng tsa sehla, ke Jayden Adam ya boneng karete e kgubedu kgahlano le Chiefs, le ha hole jwalo, sebapadi sena se tlaba le monyetla wa ho bapala dipapadi tsa Champions League ha sehlopha se tseka naledi ya bobedi.
Sundowns, e tla thulana le Siwelele FC kajeno [09 Motsheanong] e le papadi ya bona ya 29. Papadi ena e tla bapalla lebaleng la Loftus Versfeld mme e tla thakgoha ka 17:30 thapama.
BALA HAPE: Lunga o re lebelo dipakeng tsa bona le Pirates le hole le ho fela
