Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ouaddou le Chaine ba hapa dikgau tse ikgethang

Mokwetlisi wa sehlopha se hapileng sehla sa Orlando Pirates, o hapa kgau ya kgwedi ya Motsheanong ka mora ho tataisa sehlopha ho hloleng dipapadi tsa ho qetela tsa sehla.

Abdeslam Ouaddou, o tsibisitswe jwalo ka mokwetlisi wa kgwedi ka mora hore sehlopha sa hae se bapale dipapadi tse nne moo ba hapileng tse tharo le ho bapala maleka papading e le nngwe.

4 games played
3 wins
1 draw

Sethibathibane sa sehlopha Sipho Chaine, o tsibisitswe jwalo ka sebapadi sa kgwedi ka mora ho bapal dipapadi tse nne ntle le ho hlajwa ntlha.

BALA: Sundowns e tla bapala mohope wa dihlopha wa lefatshe hape

4 games
4 clean sheets

Chaine o ingolletse nalane ya hae ka ho bapala dipapadi tse 21 a sa hlajwa ntlha.

Chaine, ke yena fela sebapadi ho Betway Premiership se bapetseng dipapadi kaofela ntle le ho fetwa ke papadi.

Pirates, e hapile bompudi ba sehla ka mora ho hlolwa Orbit College ka 2 – 0 papading e bapalletseng ka moqebelo. .

Tebello ke hore dibapadi tsa Pirates ditla olla dikgau ka mora sehla se bile thata empa sa tlela sehlopha le mehope e meraro ho e mehlano eo sehlopha e bileng karolo ya yona.

BALA: Sebapadi sa Chiefs se leba naheng ya Morocco