
Manchester City e fumanwa molato diqosong tsa tshebediso ya ditjhelete
Sehlopha se seholo sa English Premier Manchester City, se fumanwe molato diqosong tsa ho tlola moedi wa tshebetso ya ditjhelete [breaching of Premier League financial regulations].
Sena ka mora hore nyewe ena e mathe dilemo tekong ya ho fumana e bang sehlopha se fetse sa tlola melawana ya tshebediso ya ditjhelete.
City, e ne e qoswa ka diqoso tse 115 tse ho sebedisa tjhelete ho feta moedi wa Premier League ho tloha ka selemo sa 2009 ho fihla 2018.
independent commission e neng e fuputsa nyewe ena, e fumane ha City e le molato diqosong tse 114.
Sehlopha [Man City] se lebetswe ho ipiletsa qetong ena ya lekgotla le ikemetseng le ha kahlolo e so diwe.
Ho ya ka nalane ya nyewe ya mofuta ona, kgonahalo e kgolo ya hore sehlopha se fumane kotlo ya ho lefiswa tjhelete kapa e nkelwe dintlha.
Tebello ke ho bona hore pheletso ya nyewe ena e tlaba e fe le hore City e tla phema selepe setlang se e lebile.
