
Marumo Gallants e makatsa Orlando Pirates
Sehlopha sa Marumo Gallants se makatsa sehlopha sa Orlando Pirates ka ho ba hlola papadi e bapalletsweng lebaleng la Dr Petrus Molemela, Bloemfontein.
Gallants e hlotse Pirates ka dintlha tse 2 – 1. Gallants e tlile e se e lelekisa papadi ka mora hore baeti, Pirates, e hlabe ntlha pele.
Dintlha tsa Gallants di hlabilwe ke Daniel Msendani le Jaisen Glifford metsotsong ya ho qetela ya dikarolo tse pedi tsa papadi.
Tlholo ena ya Gallants e ba beha ka hodimodimo lokong ya Betway Premiership (6 points). Gallants e bonahala e le mafufutha, e se e hapile dipapadi tsa bona tse pedi ka tatellano sehleng sena.
Sehlopha sena sa Mangaung se kwetliswang ke lekejakejane le dilemo di 28, Alexander Lafitte, se bonahala se tsohile molota hobane mmapalo wa bona o bonahala o fetohile.
Gallants e qadile sehla ka noto e hodimo mme ho bonaha ba tshwarella morethothong oo wa bona. Gallants e se e hlabile dintlha tse nne (4) dipapadi tse pedi tse ba seng ba dibapetse.
Tlholo ena ya Gallants ho Pirates ke ya bobedi ka tatellano hona lebaleng la Dr Molemela. Sehleng se fitileng, Gallants e hlotse Pirates ka dintlha tse 2 – 0.
Ka nako eo, Gallants e ne e kwetliswa ke mokwetlisi wa jwale wa Pirates, Abdeslam Ouaddou, ha Mandla Ncikazi a ne a tshwere marapo ho Pirates.
Gallants e tla phomola sebaka se se lelele hobane papadi e latelang etla ba ka la 20 Phato.
Papading ena, batla teyanya thebe le le sehlopha sa Amazulu mme tla bapalla lebaleng la Princess Magogo, KwaZulu-Natal.
BALA HAPE: elias-mokwana-ha-a-tsebe-bokamoso-ba-hae
