
McCarthy: Chiefs e tseba metjha e bang e hloka ditshebeletso tsa ka
Mokwetlisi wa naha ya Kenya Benni McCarthy, o hlalositse ha Chiefs e thabetse seo banang le sona.
McCarthy o buile sena ka nako eo a neng a araba potso ya hore a ka kwetlisa Chiefs e bonahalang e ba mathateng.
“E bang ho sena motho yatlang a tlo kokota monyako wa ka, e hlalosa hore o thabile ka seo a nang le sona,” ho realo McCarthy.
“E bang o na le mathata, o lata motho eo o dumelang a tla thusa bothateng boo o leng ho bona.
McCarthy o hlalositse ha a fitile maemong a mangata moo mohlomong e sa sebetsa mme le taba ya Chiefs, ha fela sehlopha se sa kokota monyako wa hae, a ke ke a dumela menyenyetsing.
“Taba ya mohlomong hae sebetse, le ho Pirates ke bile monyetleng wa ho kwetlisa sehlopha empa ya se etsahale. E bang Chiefs e hloka ditshebeletso tsa ka, ba tseba seo ba lokelang ho se etsa.”
Hona puisanong eo, McCarthy o hlalositse ha a batla ho kwetlisa dihlopha papisong le ho kwetlisa dinaha le ha e le hore ha jwale o kwetlisa naha ya Kenya.
Mpudi ena ya Champions League le sehlopha sa Porto, e hlalositse ha e batla ho sebetsa le dibapadi letsatsi le letsatsi, e seng ka mora nako jwalo ka ha dihlopha tsa dinaha dietsa.
Maikutlo a na, a aletsa le ho bontsha ha McCarthy a tla kwetlisa dihlopha (clubs) e seng dinaha ka mora tshebetso ya hae le Kenya.
BALA HAPE: Ntwa ya boemo ba pele ho Betway e tswelapele
