
Mokwetlisi wa Chicago Fire: Mbokazi ke moetapele
Sehlopha sa America sa Chicago Fire, se phatlaladitse ha Mbekezeli Mbokazi e le sebapadi sa bona ka mora ho tekena tumellano e tla matha ho fihla ka 2029.
Phatlalatso ena e fihlisitse pheletsong menyenyetsi e ileng ya utlwahala ya hore Mbokazi o tla leba America le ha mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, a ile a hlalosa a sa tsebe ka taba eo.
Ho tlalehwa Mbokazi a rekisitswe ka tjhelete e ballwang ho R51 million e leng se mo etsang sebapadi se theko e hodimo ho tloha ho Pirates.
Letswallwa lena la Hluhluwe, letla bapala kgahlano le batho ba jwalo ka Thomas Muller, Lionel Messi, Eric Maxim Choupo-Moting le ba bang ba bangata.
Ha a bua ka puo ya hae ya isiZulu, Mbokazi o hlalositse ha a thabetse hoba karolo ya sehlopha sena.
“Ke thabetse hoba karolo ya sehlopha mme ke dumela ha tsohle ditla tsamaya hantle. Chicago Fire ke lebitso la sehlopha,” ho realo Mbokazi.
Mokwetlisi wa sehlopha Gregg Berhalter, o hlalositse ha ba thabetse le ho amohela Mbokazi jwalo ka ha a tlisa boiphihlelo sehlopheng le leboteng la morao.
“Re thabile le ho amohela Mbekezeli sehlopheng jwalo ka ha re matlafatsa lebota la morao,” ho realo Berhalter.
“O itshupile hore o na le boetapele le hore a ka bapala boemong ba matjhabatjhaba. Re lebeletse seabo hanghang le kgolo ho yena.”
BALA HAPE: Pirates e fihlella tumellano thekisong ya Mbokazi
