
McKenzie o ntsha lebitso la thatohatsi ya hae ho kwetlisa Bafana Bafana
Letona la dipapadi Gayton McKenzie, o hlalositse ha a makaditswe ke qeto ya SAFA ya ho bapatsa mosebetsi wa bokwetlisi ba sehlopha sa naha sa Bafana Bafana.
McKenzie o buile sena ka nako eo a neng a amohela sehlopha sa naha boemafofane ba OR Tambo hoseng ha labone.
McKenzie o buile a sa lobe letho hore yena o tshehetsa Pitso Mosimane bakeng sa mosebetsi eo e bang Hugo Broos a nka qeto ya ho beha meja fatshe.
“E bang Hugo Broos a dula, o tla fumana tshehetso ya ka,” ho realo McKenzie
“E bang a tsamaya, monna o mong bakeng sa mosebetsi oo mme ke Pitso Mosimane. Hake pate taba ya hore ke tshehetsa Pitso.”
“Mosebetsi ona o lokela ho fuwa Pitso e bang Broos a tsamaya, empa ha Broos a dula, e tlaba yena a fang Pitso marapo.”
Bafana Bafana ba fihlile lapeng ka mora kgwedi bale mohopeng wa lefatshe moo ba fihleletsweng mokgahlelong wa tse 32 tsa ho qetela nalaneng.
McKenzie o boetse a etsa tshepiso phatlalatsa hore dibapadi tsa Bafana ditla fumana meropotso (bonuses) ka mora phihlello ya bona.
BALA: Letona McKenzie le tshwaela taba ya seemahale sa Broos monwana
