Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Letona McKenzie le tshwaela taba ya seemahale sa Broos monwana

Letona la dibapadi, bonono le setso Gayton McKenzie, o kene mokguping wa batho ba hlalosang ha Hugo Broos a tshwanelwa ke seemahale.

McKenzie o buile sena kamohelong ya sehlopha sa Bafana Bafana boemafofane ba OR Tambo hoseng ha labone.

“Ke nahana re lokela ho bua nnete, pele Hugo Broos a tla kwano, re ne rele motlae,” ho realo McKenzie.

BALA: Mamelodi Sundowns e qala ka boikwetliso pele e leba Austria

“Batho bane ba tsheha ka rona, hose motho ya re nkelang hloohong. Hugo Broos o tlile mme a fetola tseo tsohle. Re lokela ho aha seemahale bakeng sa hae.”

Broos ke hona a tla nka qeto ka bokamoso ba hae le sehlopha e bang o tswelapele kapa o beya meja fatshe bokwetlisi.

Sehlopha se boemafofane ba OR Tambo moo batshehetsi ba tlileng ka bongata mme Broos le mokaptene wa sehlopha Ronwen Williams batla buisana le boraditaba haufinyana.

BALA: Sundowns e nahanisisa ho kgutlela ha Lucas Ribeiro sehlopheng