
Cedric Kaze o hlalosa maemo ka mora phoso ya Mayo
Motlatsa mokwetlisi wa sehlopha sa Kaizer Chiefs Cedric Kaze, o hlalositse maemo a neng a rena ka hara sehlopha ka mora papadi ya bona le sehlopha sa Amazulu.
Chiefs e bapetse maleka a 1 – 1 le Amazulu hara beke, le ha ba bile le menyetla e leshongwa ya ho hapa papadi ho kenyeletsa thaho ya mokoko eo ba e fositseng.
Monyetla o bileng melomong ya batho, e bile moo Khanyisa Mayo a ileng a qetela bolo ya Pule Mmodi e neng e ya ka letanteng a hlaha ka motswetseng mme ntlha eo e ile ya hlakolwa.
Kaze, o hlalositse ha sehlopha sene se sa thaba, haholoholo Mayo ka mora ketsahalo eo.
“Bohle bane ba sa thaba, ho kenyeletsa Mayo. E bile bomadimabe hore ketsahalo eo e re thibetse ho fumana ditlha tse tharo le ho hapa papadi,” ho realo Kaze.
Mokwetlisi enwa wa nakwana o hlalositse ha botle ba tseba le ho dumela hore Mayo ha a etsa ka bomo mme batla lokisa seo sehlopheng.
“Ke ntho eo retla e bua sehlopheng ka kakaretso, ha re dumele a entse ka bomo ho thibela sebapadi mmoho ho hlaba ntlha.”
Kaze o tswelapele ka ho hlalosa botle bo tliswang ke Mayo sehlopheng ka ho hlalosa ha a thusa le ka papadi ya dibapadi le yena.
“Ke sebapadi sa boiphihlelo se etsang le dibapadi mmoho dibe le sebopeho se fapaneng. O tseba le ho bapala dulong tse nepahetseng le ho sebedisana mmoho.”
Chiefs e tla nka leeto ho leba Cape Town ho teyanya thebe le sehlopha sa Stellenbosch ka sontaha mohopengwa CarlingKnockout. Papadi ena e tla bapalla lebaleng la DHL ka hora ya boraro (15:00).
BALA HAPE: Kaizer Chiefs e bapala ka menyetla
