Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mosimane o hlalosa ha e le tabatabelo ya hae ho kwetlisa Bafana Bafana

Mongodi wa buka ya tataiso ya bakwetlisi ba ntshetso pele dibapadi tse tlase dilemong Pitso Mosimane, o hlalositse ha e le tabatabelo ya hae ho kwetlisa sehlopha sa naha sa Bafana Bafana.

Mosimane o lenaneng la bakwetlisi ba rometseng mabitso a bona bakeng sa ho kwetlisa sehlopha sena sa naha mme o hlalositse ha a batla mosebetsi oo ka mahlo a makgubedu.

“Eya, ke tabatabelo ya ka empa hase nna ya nkang diqeto tsa ho qetela,” ho realo Mosimane.

BALA: Banyana Banyana ba hlolwa papading ya bona ya pulamadiboho

Mosimane o boetse a hlalosa ha a tseba hore ke leeto le lelelele bakeng sa bakwetlisi jwalo ka ha palo ya batho ba batlang mosebetsi oo bale bangata.

“Re rometse CV tsa rona rele bangata jwalo ka bakwetlisi, re bangata.”

Tebello ke ho bona e bang SAFA e tla hlwaya mokwetlisi e mong kapa e tla tswelapele ka Hugo Broos eo ho utlwahetseng a ka thabela ho dula selemo sehlopheng.

BALA: Sello sa Sundowns sa ho tjhethisa papadi ya pele se sekehelwa tsebe