Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Messi o kwala kgaolo ya dipapadi tsa matjhabatjhaba ka dintlha

Sebapadi sa naha ya Argentina Lionel Messi, se bapetse papadi ya sona ya ho qetela kgahlano le naha ya Benin e le papadi ya setswalle.

Mona ke moo Messi a hlabileng ntlha e le thaho ya mokoko le ho thusetsa dintlheng tse pedi [2 assists] jwalo ka ha sehlopha se hapile papadi ka dintlha tse 3 – 0.

Messi, o ile a tsibisa ka mora mohope wa lefatshe hore o tla beya meja fatshe boemong ba dipapadi tsa matjhabatjhaba ka mora ho hlolwa ke Spain ho makgaolakgang.

Stats
207 — Appearances
125 — Goals
66 — Assists
34 — World Cup appearances
21 — World Cup goals
39 — Copa América appearances
14 — Copa América goals
36 — World Cup qualifying goals

Sebapadi sena se dilemo di 39 se beya meja fatshe e le sa dibapadi tse mmalwa tse fihleletseng dikgolo papading ya bolo.

Messi, ke yena ya hapile Ballon d’or tse ngsta nalaneng ya bolo, a thusetsa dintlheng tse ngata mohopeng wa lefatshe mme ke yena ya emetseng Argentina mekgetlo a mangata mohopeng wa lefatshe.

Messi o hlalositse ha motsotso wa ho beya meja fatshe sehlopheng sa naha, e le o boima haholo bophelong ba hae jwalo ka ha e bile karolo ya sehlopha dilemo tse 20 kaofela.

BALA: Dithejane o ntsha maikutlo ka tshebetso ya papadi ya hae ya pele