
Mokwetlisi wa Pirates o fetola menahano ka ho fumana mohlabadintlha
Ka mora papadi ya bona le Carling All Stars mafelong a beke, mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o fetotse maikutlo a hae ka ho reka mohlabadintlha.
Ouaddou o ne a dumela ha a hloka ho fumana mohlabadintlha e mong hape ho matlafatsa sehlopha sa hae empa o dumela a fumana seo a se batlang ka hara sehlopha.
Maikutlo ana, a tla ka mora hore Pirates e sebedise Sifiso Luthuli ya keng a hlaha bankeng mme a hlabela sehlopha ntlha ya pele.
Ouaddou o hlalositse ha sebapadi sena e le tsohle tseo a neng a bua ka tsona ha a ne a re o hloka ho matlafatsa moleng o ka pele.
Ha re bua ka Luthuli, dibapadi tse ding hao hloke nako ho bona hore ke sebapadi se setle. Bomadimabe ke hore o ne a lemetse nako e lelele,” ho realo Ouaddou.
“Ke sebapadi se ka makatsang batho ba bangata karolong ya bobedi ya sehla.”
Ouaddou o hopotse hantle hore puisanong ya hae le Robert Marawa, o ile a re o hloka sebapadi mme ha jwale o se fumane sehlopheng.
“Kene kena le Mr Robert Marawa lenaneong la hae ha a botsa seo ke se labalabeng karolong ya bobedi ya sehla mme kare mohlabadintlha.
“Ke nahana ha jwale ke lokela ho hlalosa hore hare hloke mohlabadintlha, o teng sehlopheng. Ke sebapadi se hlwahlwa.”
Mantswe a mokwetlisi enwa ya seng a hapile mehope e meraro sehleng sena, se tlisa dipotso tsa hore e be sehlopha se tla arohana le Tshogofatso Mabasa ya sokolang metsotso tlasa mokwetlisi ya motjha sehlopheng.
BALA HAPE: Pirates e etsa nalane ka ho hlola Carling All Stars
