
Sehla sa sebapadi sa Pirates se fihla pheletsong pele ho nako
Ka mora ho amohela kotsing ya koloi mathwasong a sehla, Tapelo Xoki o tla qeta sehla a sa bapala le ha e le papading e le nngwe.
Sebapadi sena sa morao, ke e mong wa batho ba ileng ba ameha haholo kotsing ya makoloi ka nako eo Orlando Pirates e neng e kgutla papading kgahlano le Chippa.
Xoki, mokwetlisi Abdeslam Ouaddou le ba bang ba moifo wa bokwetlisi, ba ile ba ameha kotsing dikgwebo tse 7 ka mora hore koloi eo baneng ba e palame e thulwe ke e nngwe.
Le ha a bile le monyetla ha sehla se qala, Xoki ha fumana metsotso ya ho bapala le ha e bile se seng sa dibapadi tsa bohlokwa ka mora ho tekenwa ke Pirates.
Dipapading tseo a dibapetseng, Xoki o bapetse dipapadi tse 84 moo a hlabileng dintlha tse 8 le ho thusetsa dintlheng tse 3.
Sebapadi sena se hlalositse ha sentse se fumana thuso le tshehetso e hlokahalang bakeng sa kalafo ya hae.
“Ke labohela bophelo, ke lebohela le thuso eo ntseng ke e fumana ho physio tsa rona. Ke leboha bohle sehlopheng ka tshehetso eo ntseng ke e fumana. Ha jwale ke sebetsana le ho kalafo mme ke nka tsohle hanyane hanyane,” ho realo Xoki.
BALA HAPE: Booth o tshwaetse maikutlong a ntseng a matha ka Ime Okon
