
Mokwetlisi Conrad o hlalosa ho kgutla ha De Kock
Mokwetlisi wa naha papading ya krikete Shukri Conrad, o hlalositse ho kgutla ha Quinton De Kock hotla bapala karolo e kgolo.
Conrad o hlalositse ha De Kock e le yena a moletseditseng mohala le ho hlalosa ha a na le thahasello ya ho bapalla naha.
“O hlalositse ha a na le thahasello ya ho bapalla sehlopha bolong e tsweu hape (white ball formats). Re buileng nakwana mme ka mojwetsa hore ketla kgutlela ho yena. Ka mora moo ke buile le batho ba mmalwa, ka mora moo yaba ke nalane.”
Lekgetlo la ho qetela De Kock a bapalla sehlopha sa naha ke ka mohope wa lefatshe wa T20 ka 2024. Conrad o hlalositse ha sebapadi sena se kgutla ntle le dipehelo mme yena a batla fela ho bapala.
“O letsitse ka bo yena a hlalosa ha a batla ho bapala, ha a hlalosa dipehelo tsa hore o batla ho bapala mohopeng wa lefatshe kapa jwang.”
Afrika Boroa e tla bapala dipapadi tse 14 tsa di’T20 pele ho mohopeng wa lefatshe. E tla bapala e lengwe le Namibia, tse tharo le Pakistan, tse hlano le India le tse hlano le West Indies lapeng Afrika Boroa.
Conrad o hlalositse Quinny jwalo ka sebapadi se bobebe le na le boiphihlelo dipapading tsa matjhabatjhaba setla thusa dibapadi mooho le yena.
Tebello ke ho bona hore Conrad le moifo wa hae batla sebedisa De jwang lethathameng la dipapadi tseo batla dibapala.
BALA HAPE: Quinton De Kock o kgutlela dipapading tsa matjhabatjhaba
