Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cardoso o kgutsisa lerata ka ho hlola MC Alger

Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o kwetse melomo ya bahlokang tshepo ho yena ka ho hlola sehlopha sa MC Alger.

Sundowns, e hlotse Alger ka 2 – 0 papading e bapalletseng lebaleng la Loftus Versfeld ka moqebelo motsheare.

Sundowns e kene papading ena e le tlasa kgatello moo e neng e hloka tlholo hore e fetele mokgahlelong o latelang, ha Cardoso a ne a le tlasa kgatello ya batshehetse ya hore ha a ka hlolwa o lokela ho tsamaya.

Dintlha tsa Sundowns, dikene ka setlabotjha Brayan Leon Muniz ya hlabileng dintlha tseo ka bobedi dikarolong tse pedi tsa papadi.

Sundowns e bontshitse maikemisetso a ho hlola papadi ho tloha motsotsong wa pele wa papadi ka ho laola mmapalo, ho botsa dipotso le ho etsitsa Alger diphoso.

Tlholo ya Sundowns kgahlano le MC Alger e kwetliswang ke Rulani Mokwena, e bontsha phahamelo ya Cardoso ho Mokwena.

Bobedi bona bose bo bapetse dipapadi tse nne mme Cardoso o hlotse tse tharo le ho bapala maleka papadi e le nngwe kgahlano le Mokwena.

Cardoso e ne e le mokwetlisi wa Esperance de Tunis ha e ne e hlola le ho ntsha Sundowns e neng kwetliswa ke Mokwena papading e tlang pele ho makgaolakgang a CAF ka 2024.

Sundowns e tlaba sona fela sehlopha setla emela Afrika Boroa dipapadi tsa kontinente ka mora hore Kaizer Chiefs e hlolwe ke ho fetela pele.

BALA HAPE: Cardoso o hana ho araba e nngwe ya dipotso