Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Chiefs e netefaditse ho leba ha dibapadi ho Siwelele

Sehlopha sa Kaizer Chiefs se netefaditse ha dibapadi tse pedi tsa sehlopha ditla adingwa sehlopha sa Siwelele FC hore ba fumane metsotso ya ho bapala.

Chiefs, e netefaditse se ileng sa bua ke mokwetlisi Nabi hore dibapadi tse mmalwa ditla adingwa dihlopha ho fumana metsotso ya papadi.

Samkelo Zwane le Happy Mashiane ba tla leba sehlopheng sena sa Siwelele ho fumana metsotso ya papadi le ho itshupa bokgoni ba ho bapalla sehlopha.

Dibapadi tsena ke tse tswang ntsetsopeleng ya sehlopha mme sehleng sena ha baso fumana monyetle wa ho bapala ka mora hore sehlopha se tekene dibapadi tse fetang leshome.

BALA HAPE: Rasebotja o ntshitse maikutlo ka papadi ya Carling Knockout

Zwane le Mashiane ba kena lenaneng la dibapading tseo Chiefs e kadimaneng ka tsona ka mora hore Xolani Cossa a lebe Botswana sehlopheng sa Matebele.

Kadimano ena ya dibapadi ho Siwelele, ke ya sehla kaofela (season long loan) mme dibapadi tsena ditla kgutlela ho Chiefs sehleng setlang.

Dikateng tsa tumellano ena, ha diyahlaka ebang batla bapala ha Siwelele e bapala le Chiefs kapa jwang ka ha dihlopha moraotjena dikena tumellanong ena.

BALA HAPE: P Management e eletsa Siwelele ka ho kgaola dibapadi