Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Saleng o ngola molaetsa wa ho sadisang sehlopha hantle

Ka mora ho tsibiswa le ho phatlalatswa ke sehlopha sa Mamelodi Sundowns, Monnapule Saleng, o ngotse molaetsa o sadisang sehlopha sa Orlando Pirates hantle le ho le leboha sehlopha.

Saleng ya neng a le sehlopheng sa Orbit College ka kadimo ho tloha sehlopheng sa Pirates, o tsibisitswe ke sehlopha sa Mamelodi Sundowns ka motsamao o makaditseng batho ba bangata.

Sebapadi sena se lebile ho Pirates ka 2021 a tswa sehlopheng sa Free State Stars mme Pirates ya kadimana ka yena sehlopheng sa Moroka Swallows pele a ka kgutlela ho Pirates le ho iketsetsa lebitso.

“Ke leboha monyetla ho Orlando Pirates. Ke ikutlwa kele motlotlo haholo hore ke bile karolo ya sehlopha sena se seholo,” ho realo Saleng.

“Jwalo ka ha nako ya ka e fihla pheletsong sehlopheng, tseo ke ithutileng tsona tse bileng monate le bohloko, setswalle se ke keng sa arohana, e tlaba karolo ya bophelo ba ka.”

Sebapadi sena se dilemo di 27, e bile karolo ya sehlopha sa Pirates se hapileng mehope moo a neng a hlaba dintlha le ho thuseng ho dihlaba.

Saleng, o qadile ho dula kantle ka mora qwaketsano ya hae le mokwetlisi Jose Riveiro pele a tla kadingwa sehlopha sa Orbit College eo a qadileng ho yona pele a ka leba ho Free State Stars.

“Ke maikutlo a fapaneng a thabo le kutlo bohloko hore ke arohana le sehlopha le dithuto tseo se nthutileng le moya o matla wa sehlopha.”

Kgonahalo ke e kgolo ya hore Saleng a ka bapala kgahlano le sehlopha seo a tswang ho sona sa Orbit jwalo ka ha Sundowns e tla thulana le sona ha sehla se kgutlela ka mora kgefutso.

BALA HAPE: Afrika Boroa e tla kgutlela lapeng ka mora ho hlolwa