
Siwelele se hana ka molala le ho bapala maleka le Sundowns
Sehlopha sa Siwelele FC, se tshwarisitse Mamelodi Sundowns mathata papading ya bona ya laboraro bosiu moo papadi e fedileng maleka a 1 – 1 lebaleng la Dr Rantlai Molemela.
Siwelele, se hanne ka molala kgahlano le basireletsi ba sekolo ka mora ho hlaba ntlha pele le ho nka ketapele.
Ntlha ya Siwelele, e kene karolong ya pele ya papading ka Vincent Pule ka mora kgatello e matla leboteng la morao le ho Ronwen Williams ka Teboho Potsane.
Papadi e lebile kgefutsong Sundowns e ntse e tsomana le ntlha le ha bane ba laola papadi ka ho dula ba tshwere bolo.
Karolong ya bobedi ya papadi Sundowns e kgutlile ka sekgahla le ho qeta boholo ba nako ka karolong ya Siwelele.
Motsotsong wa 74, sebapadi se keneng se tswa bankeng Lebo Mothiba, o hlabetse Sundowns ntlha e lekanyana le ho kgutlisa tshepo.
Sundowns, e ile ya bapala ka dibapadi tse haellang ka mora hore Teboho Mokwena a bontshwe karete tse pedi tse tshehla karolong ya bobedi ya papadi.
Papadi e fedile ka maleka a 1 – 1 mme Sundowns e tlatswa e dutse boemong ba bobedi le ha e le pele ho Pirates ka papadi.
Siwelele, se tla qeta karolo ya pele ya sehla se dutse boemong ba 9 le ha ba qadile sehla ka tsela e sa kgahlising.
BALA HAPE: Seema o re ba malala-a-laotswe bakeng sa Sundowns
