Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Gallants ke bompudi ba mohope wa CUFA

Sehlopha sa Marumo Gallants ke bompudi ba mohope wa selemo le selemo wa Cultural Urban Festival Africa (CUFA), ka mora ho hlola bomphato Siwelele FC thahong ya mekoko.

Dihlopha ka bobedi dihlotswe ke ho hlaba dintlha metsotsong ya semmuso ya papadi, mme papadi ya leba thahong ya mekoko moo Gallants e hlotseng Siwelele ka 4 – 3 le ho ikgapela mohope.

Mohope ona, o ne o tshwaretswe lebaleng la Toyota, Bloemfontein e le ho kwala mokete wa boithabiso wa selemo le selemo profenseng ya Free State.

Selemong se fitileng Gallants e ile ya kgwatiswa ke Kaizer Chiefs, eo selemong sena e sa kenang ka lebaka la ho phathahana le dipapadi tsa kontinente.

Gallants e buseditse molamu sefateng ka mora hore Siwelele se bahlole dibekeng tse fitileng papading ya Betway Premiership.

Ha jwale ha ho tsejwe hore mpudi wa Bloemfontein Derby ke mang ka ha bobedi dihlopha dihlolane empa Gallants e tla dula e le ka hodimo hofihlela dikopana hapa ho ntshana bothaka.

BALA HAPE: Gallants e rothofatsa ditoro tsa Sundowns